O Modimo o tletseng mosa

Want a t-shirt with your clans? click here to make your order on Whatsapp

O Modimo o tletseng mosa

O Modimo o tletseng mosa,
Ke tlile ho u rapela;
Empa ke simolla ka ho re,
Ho rapela ha ke tsebe.
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete!

Ho figla letsatsi lena,
Ke atisitse ho bea
Merapelo e se nang taba,
Ea molomo le ea mokhoa
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete

Ka ne ke qale ho rapela
Ho se ho halelele;
‘Me merapelo ea ka joale
E ka baloa ka likete.
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete

Ho ‘na hase le ho hlomola
Ha ke sa le mofutsana
Ea sa kang fihlela letho
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete

Ke neneng le ho hlomoha
Ha ke sa le mofutsana
Ea sa kang a fihlela letho
Merapelong e mekalo.
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete

Ke neneng ke kopile pako
E sa khutleleng morao!
Bona hle, Ntate, mekhoa ea ka
Ea khale, Ntate, mekhoa ea ka
Ea khale e sa le ena.
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete

Ke sa ntsane ke kopa Moea,
Ha ke phetse ho o batla;
O ta neneng ka ho ‘na,
Ke hlobohe bofutsana!
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete

LitÅ¡itso tsa hao, Morea’a ka.
Li lutse joalo kaofela;
U lakatsa ho ‘nea tsohle.
Oho, Moren’a ka, u nthute
Ho u rapela ka ‘nete
Bayede!

Previous Post Next Post