Galefo ya hao Morena song lyrics

Want a t-shirt with your clans? click here to make your order on Whatsapp

Galefo ya hao Morena song lyrics 

Galefo ya hao Morena,
E ntlohele,
O itshware bohale,
O lese ho ngalefela;
kea fela
Tlas’a dikotlo tsa hao.

Metsu ya hao e ntlhabile
Ka bohale;
E kene le masapong.
Letsoho la hao le thata,
Le boima
Na le tla nkisa Lefung?

Nama ya ka e fedile,
E omile,
Ka moo ke shweleng ka teng,
Ke lemohile melato
E meholo,
Ke e entseng ho wena.

Dibe tsaka ke manyala
Di a nsita;
Letswalo le nqetile,
Maqeb’a ka ke a kgale,
A bodile;
Kgale le senyehile.

Morena, mpone meogo
E bohloko
E sekang mahlong a ka.
Ke a rapela, o Mfodise,
O mphedise,
Ke tsebe ho iketla.

Bayede!

Previous Post Next Post